(Chorus)
O mohau wa Modimo
ke kwetsa e kaakang!
E ka ba o fe molomo
o ka o boleeeelanng?
‘Na, esale o mphihlela,
Ke maketse feela!
‘Na, esale o mphihlela,
Ke maketse feela!
(Chorus)
Modimo o n’o mphumane
Tseleng ya tahlehooo;
tsa lefatshe di ntahile
Ke fedile Kutloo;
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela
(Chorus)
Ke buswa ke ditakatso
Tse jang pelooo yakaaa
Di mpofile ke le mofo,
Ke hola leeee tsona
Ke ne ke se na ho hana,
le ha di mpolaaaya
Ke ne ke se na ho hana,
le ha di mpolaaayaaaa
(Chorus)
Jo, motho ya thotofetseng,
Ya sheleng leee mahlooo,
Ka mathela boreleding,
dintshing tsa selomo!
Jo ‘na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!
Jo ‘na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosaaa!
(Chorus)
Ke ha jeso a mphallela
Ke mohau wa hae;
Hoja o ntlohetse fela,
Na nka be ke le kae?
A phakisa a ntlhoibila,
A ntshwara ka phela.
A phakisa a ntlhoibila,
A ntshwara kaaa phelaa.
(Chorus)
Ke ha a mpusetsa tseleng,
A ‘neya leee kutlo
A kgaola tse ntlamileng
A mpha le bopheloooo
Ka utlwa ke fetohile
Mme ke pholohile!
Ka utlwa ke fetohile
Mme ke pholohile!